30. Setjhaba sa hlapanya, sa re: “Re ke ke ra nyallana le baditjhaba.
31. “Haeba baditjhaba ba ka tlisa dintho tseo ba di rekisang, kapa dijo, ka tsatsi la Sabatha, kapa ka letsatsi lefe le lefe le halalelang, re ke ke ra di reka, mme ka selemo sa bosupa masimo a rona a tla lala, re leballane melato ka selemo seo.
32. “Re iketsetsa melao, eo ka yona re itlamang hore ka selemo le selemo re tla ntsha silefera e etsang boima ba dikeramo tse hlano, bakeng sa mosebetsi wa Tempele ya Modimo wa rona,
33. le bakeng sa bohobe bo halalelang, le nyehelo ya dijo ya letsatsi ka leng, le nyehelo ya setjheso ya Sabatha se seng le se seng, le nyehelo ya ho thwasa ha kgwedi, le nyehelo ya mekete e kgethehileng, le nyehelo ya dintho tse halalelang, le nyehelo e tlosang sebe ho etsetsa setjhaba sa Iseraele tefelo ya sebe, bakeng sa mesebetsi yohle ya Tempele ya Modimo.
34. “Re etsa lotho hara baprista, le Balevi, le setjhaba, hore re tle re bone hore na ke bo-mang, ho ya ka malapa abo bona, ba tla tlisa patsi ya nyehelo ka Tempeleng ya Modimo ka dinako tse beilweng ka selemo le selemo, e leng patsi e tla beswa hodima aletare ya Morena Modimo wa rona, jwalokaha ho ngotswe Molaong.
35. “Ka selemo le selemo re tla tlisa ka Tempeleng ya Morena dilopotsiya tse tswang masimong a rona, le dilopotsiya tsa ditholwana tsa difate tsohle.