13. le Hodiya, le Bani, le Beninu.
14. Baetapele ba setjhaba bona e ne e le Paroshe, le Pahate-Moabe, le Elame, le Satu, le Bani,
15. le Buni, le Asegade, le Bebai,
16. le Adoniya, le Bigifai, le Adine,
17. le Atere, le Hisekiya, le Asure,
18. le Hodiya, le Hashume, le Besai,
19. le Harife, le Anatotiya, le Nebai,
20. le Magepiashe, le Meshulame, le Hesire,
21. le Meshesabele, le Sadoke, le Jadua,
22. le Pelatiya, le Hanane, le Anaya,
23. le Hoshea, le Hananiya, le Hashube,
24. le Haloheshe, le Pileha, le Shobeke,
25. le Rehume, le Hashabena, le Maasiya,
26. le Ahiya, le Hanane, le Anane;
27. le Maloke, le Harime, le Baana.
28. Setjhaba sohle, le baprista, le Balevi, le balebedi ba menyako, le dibini, le basebeletsi ba Tempele, bohle bao ka baka la Molao wa Modimo ba ileng ba ikgetholla ho baahi ba dinaha tseo, le basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona, e leng bohle ba nang le kutlwisiso,
29. ba ikopanya le bana babo bona, le mahosana a bona, ba hlapanya hore, haeba ba ke ke ba latela Molao wa Modimo, oo ba o neilweng ke Moshe, mohlanka wa Modimo, ba rohakehe. Ba hlapanya le hore ba tla boloka, mme ba phethe melao yohle ya Morena Modimo wa bona, le dikahlolo tsa hae, le ditaelo tsa hae.
30. Setjhaba sa hlapanya, sa re: “Re ke ke ra nyallana le baditjhaba.
31. “Haeba baditjhaba ba ka tlisa dintho tseo ba di rekisang, kapa dijo, ka tsatsi la Sabatha, kapa ka letsatsi lefe le lefe le halalelang, re ke ke ra di reka, mme ka selemo sa bosupa masimo a rona a tla lala, re leballane melato ka selemo seo.