Nehemia 1:3-8 BIBELE (SSO89SO)

3. Yaba ba re ho nna: “Masalla a setseng naheng e kamose wane, ha ba bang ba thopuwa, a hara ditlokotsi tse kgolo, le sekgobo. Lerako la Jerusalema le lona le heleditswe, le mamati a teng a tjhesitswe.”

4. Ha ke utlwa dipolelo tsena ka dula fatshe, ka lla, ka ba bofifing ka matsatsi a mangata; ka itima dijo, ka rapela Modimo wa mahodimo.

5. Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo wa mahodimo, ke a o rapela: Wena Modimo e moholo, ya tshabehang, ya bolokang selekane sa hae sa lerato ho ba mo ratang, ba mamelang melao ya hae,

6. ako thee tsebe, o mamele, le mahlo a hao a ke a tadime, o tle o utlwe thapelo ya mohlanka wa hao, eo ke e etsang ke le kapele ho wena, bosiu le motsheare. Ke rapella bana ba Iseraele, e leng bahlanka ba hao, mme ke bolela dibe tsa bona, tseo re o sitetsweng ka tsona. Esita le nna, le ba lelapa leso, re entse sebe.

7. Re o etseditse bokgopo bo boholo, ha re a boloka melao, le ditaelo, le dikahlolo tseo o ileng wa di laela Moshe, mohlanka wa hao.

8. “Ke a o rapela: Ako hopole polelo eo o neng o e laele Moshe, mohlanka wa hao, wa re: <Haeba le ka etsa sebe, ke tla le hasanya hohle hara ditjhaba.

Nehemia 1