1. Tsena ke dipolelo tsa Nehemia, mora wa Hakaleya: Ka kgwedi ya Tshitwe, ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, ke ne ke le motseng wa kgosi, wa Shushane.
2. Hanani, e mong wa bana beso, a fihla a ena le banna ba bang ba tswang Juda. Yaba ke ba botsa taba tse amanang le Bajuda ba ileng ba phonyoha ha ho thopuwa ba bang; ka ba botsa le tsa Jerusalema.
3. Yaba ba re ho nna: “Masalla a setseng naheng e kamose wane, ha ba bang ba thopuwa, a hara ditlokotsi tse kgolo, le sekgobo. Lerako la Jerusalema le lona le heleditswe, le mamati a teng a tjhesitswe.”
4. Ha ke utlwa dipolelo tsena ka dula fatshe, ka lla, ka ba bofifing ka matsatsi a mangata; ka itima dijo, ka rapela Modimo wa mahodimo.
5. Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo wa mahodimo, ke a o rapela: Wena Modimo e moholo, ya tshabehang, ya bolokang selekane sa hae sa lerato ho ba mo ratang, ba mamelang melao ya hae,
6. ako thee tsebe, o mamele, le mahlo a hao a ke a tadime, o tle o utlwe thapelo ya mohlanka wa hao, eo ke e etsang ke le kapele ho wena, bosiu le motsheare. Ke rapella bana ba Iseraele, e leng bahlanka ba hao, mme ke bolela dibe tsa bona, tseo re o sitetsweng ka tsona. Esita le nna, le ba lelapa leso, re entse sebe.
7. Re o etseditse bokgopo bo boholo, ha re a boloka melao, le ditaelo, le dikahlolo tseo o ileng wa di laela Moshe, mohlanka wa hao.