6. Ha Morena a halefile,ya ka tiisetsang ke mang?Ha kgalefo ya Morena e tlokomaya ka e mamellang ke mang?Kgalefo ya hae e tuka sa malakabekapele ho yena mafika a a pshatleha.
7. Morena o molemo, ke setshabelo;ke setshabelomohla tsatsi la ditlokotsi,ba mo tshepang o a ba sireletsa.
8. Jwaloka sekgohola,kgohola se phuthumanang,Ninife o tla e timetsa jwalo,dira tsa hae a di lelekele lefifing.
9. Le rera mano afea ho lwantsha Morena?O tla le timetsa, le timelle ruri!Sera se ke kesa mo tsohela matla habedi.
10. Ba tla tjheswasa meutlwa e harahane,ba tjheswe sa dirite di omeletse,ba ntse ba itlopile veine ya bona.
11. Motho ya rerelang Morena bokgopo,ya kgothaletsang bomenemene,o hlahile hara motse wa Ninife.
12. Morena o bua tjena:“Leha ba ka ba matla,ba eba bangata,ba tla bolawa, ba timelle ruri!Lona tjhaba sa ka, ke ile ka le otla,nke ke ka hlola ke le otla hape.
13. Ke tla roba jokoe le hatileng melala,mahlaahlela a le holehilengke a kgaole.”
14. Malebana le Ninife,Morena o entse taelo:“Wena Ninife o tla hloka ditloholo,tloholo tse tla bitswaka lebitso la hao.Medingwana ya hao ke tla e pshatla,ke e pshatlele ka tempeleng ya yona,ke pshatle le yona e bopilweng.Bitla la hao ke tla le etsa sesomo.”
15. Bonang maoto a moromuwahodima dithaba,maoto a ya tlisangmolaetsa o molemo,ya phatlalatsang molaetsa wa kgotso!Wena Juda keteka mekete ya hao,dikano tsa hao o di phethahatse.Ya kgopo a ke kea hlola a o futuhela,o timeditswe, a timeletswa ruri.