Moruti 9:8-12 BIBELE (SSO89SO)

8. Kamehla o apare aparo tse tshweu,kamehla hlooho ya haoe tlotswe ka ole.

9. Ka matsatsi wohle a bophelo ba hao ba lefeela, boo Modimo a o neileng bona mona lefatsheng, e leng matsatsi a se nang thuso, iphelele ka thabo le mosadi wa hao eo o mo ratang. Ona ke wona moputso oo o o fumanang ha o ntse o phela, mme o sebetsa ka thata mona lefatsheng.

10. Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.

11. Ke bone ho hong hape mona lefatsheng:Ba lebelohase bona ba siyang kamehla,dinatlahase tsona tse hlolang kamehla,ba bohlalehase bona ba tjhayang kamehla,ba masenehase bona ba ruang kamehla,bahlalefi ha ba duletulo tse phahameng kamehla;menyetla e tlela bohleka dinako tsa yona.

12. Hape ha ho motho ya tsebang hore na nako ya hae e tla tla neng:Jwalokaha tlhapi di tshwaswake tlowa le sehloho,kapa dinonyana di tshwaswake leraba,batho le bona ba tshwaswake nako tse mahlonoko,di ba tsometse ba sa lebella letho.

Moruti 9