6. Lerato le lehloyo le lefufa la bona,tsena tsohle di timetse le bona;ha ba ka ke ba hlolaba eba le kabeloho tsohle tse etswangmona lefatsheng.
7. Eya, o itjelle dijo ka thabo,o inwelle veine o nyakaletse,hoba Modimo o sa kgahlisitsweke ketso tsa hao.
8. Kamehla o apare aparo tse tshweu,kamehla hlooho ya haoe tlotswe ka ole.
9. Ka matsatsi wohle a bophelo ba hao ba lefeela, boo Modimo a o neileng bona mona lefatsheng, e leng matsatsi a se nang thuso, iphelele ka thabo le mosadi wa hao eo o mo ratang. Ona ke wona moputso oo o o fumanang ha o ntse o phela, mme o sebetsa ka thata mona lefatsheng.
10. Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.
11. Ke bone ho hong hape mona lefatsheng:Ba lebelohase bona ba siyang kamehla,dinatlahase tsona tse hlolang kamehla,ba bohlalehase bona ba tjhayang kamehla,ba masenehase bona ba ruang kamehla,bahlalefi ha ba duletulo tse phahameng kamehla;menyetla e tlela bohleka dinako tsa yona.
12. Hape ha ho motho ya tsebang hore na nako ya hae e tla tla neng:Jwalokaha tlhapi di tshwaswake tlowa le sehloho,kapa dinonyana di tshwaswake leraba,batho le bona ba tshwaswake nako tse mahlonoko,di ba tsometse ba sa lebella letho.
13. Ke bone bohlale bona bo bong hape mona lefatsheng, mme ha ke bo tadima ke bona bo le boholo:
14. Ho kile ha eba le motsana o nang le baahi ba seng bakae. Yaba kgosi e nngwe a matla e a o futuhela, e o etsetsa thibella, e haha marako ho o potapota.