Moruti 9:11-17 BIBELE (SSO89SO)

11. Ke bone ho hong hape mona lefatsheng:Ba lebelohase bona ba siyang kamehla,dinatlahase tsona tse hlolang kamehla,ba bohlalehase bona ba tjhayang kamehla,ba masenehase bona ba ruang kamehla,bahlalefi ha ba duletulo tse phahameng kamehla;menyetla e tlela bohleka dinako tsa yona.

12. Hape ha ho motho ya tsebang hore na nako ya hae e tla tla neng:Jwalokaha tlhapi di tshwaswake tlowa le sehloho,kapa dinonyana di tshwaswake leraba,batho le bona ba tshwaswake nako tse mahlonoko,di ba tsometse ba sa lebella letho.

13. Ke bone bohlale bona bo bong hape mona lefatsheng, mme ha ke bo tadima ke bona bo le boholo:

14. Ho kile ha eba le motsana o nang le baahi ba seng bakae. Yaba kgosi e nngwe a matla e a o futuhela, e o etsetsa thibella, e haha marako ho o potapota.

15. Motsaneng oo ho ne ho ena le monna e mong ya futsanehileng, ya bohlale, eo ka bohlale ba hae a ileng a o lopolla; feela ha ho ya kileng a mo hopola.

16. Yaba ke re: “Bohlale bo molemo ho feta bonatla!” Empa bohlale ba monna ya futsanehileng bo a nyediswa, le dipolelo tsa hae ha di mamelwe.

17. Polelo tse bonolo,tse buuwang ke mohlalefi,di molemo ho feta mehooya ya busang dithoto.

Moruti 9