Moruti 9:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. Tsena tsohle ke ile ka di nahana, ka leka ho di hlalosa, ka fumana hore ba lokileng le ba bohlale, hammoho le mesebetsi ya bona, ba matsohong a Modimo. Hore na ba a ratwa kapa ba hloilwe, le teng ha ba tsebe; motho ha a tsebe se mo tlelang.

2. Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang: Ya lokileng le ya kgopo, ya molemo le e mobe, ya hlwekileng le ya sa hlwekang, ya etsang mahlabelo le ya sa etseng mahlabelo. Ya etsang hantle o tshwana le moetsadibe; ya hlapanyang o tshwana le ya sa hlapanyeng.

3. Bona ke bona bobe bo teng dinthong tsohle tse etsahalang mona lefatsheng. Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang. Dipelo tsa batho di tletse bokgopo, di bile di na le bohlanya ha batho bao ba sa ntsane ba phela, mme hamorao ba balellwa le bafu.

4. Ya ntseng a phela o sa na le letshepa, hobane le ntja e phelang e molemo ho feta tau e shweleng.

5. Ba phelang bonaba a tseba hore ba tla shwa,athe bafu bonaha ho letho leo ba le tsebang,moputso le wonaha ba ka ke ba o fumana,esita le ho hopolwaha ba sa hopolwa.

Moruti 9