Moruti 8:2-14 BIBELE (SSO89SO)

2. Ke re ho lona: Hlomphang taelo ya kgosi, hobane le entse kano kapele ho Modimo.

3. Le se no potlakela ho tloha kapele ho kgosi, le se ke la ngangella tabeng e mpe, hobane kgosi e etsa seo e se ratang.

4. Kaha lentswe la kgosi le ena le matla, ke mang ya ka reng ho yona: “Jwale o etsang?”

5. Ya hlomphang taelo ya kgosia ke ke a tswa kotsi,mohlalefi o tsebahore nako ya kahlolo e teng.

6. Ntho ka nngwee na le nako ya kahlolo ya yona,empa bokgopo ba mothobo mo imela haholo.

7. Motho ha a na tseboya tse tla etsahala;tsa maisaoa ka di senolelwa ke mang?

8. Motho ha a na matlaa ho busa moya wa hae,kapa a ho laolatsatsi la lefu la hae;ha ntwa e kopaneha ho bewe dihlomo fatshe,bokgopo bo ke ke ba lokollaba bo etsang!

9. Tsena tsohle ke ile ka di elellwa, ha ke ntse ke nahana dintho tsohle tse etswang mona lefatsheng. Ka hlokomela kamoo motho e mong a iketsang mmampodi kateng hodima ba bang, mme a ba hlokofatsa.

10. Ka bona le ba kgopo ba epelwa, bona ba neng ba ye ba kene ba be ba tswe sebakeng se halalelang, mme baahi ba motse ba ba rorisetse tseo ba di entseng. Hona le hona ke lefeela.

11. Ka baka la hobane ba kgopo ba dieha ho ahlolwa, batho ba ikemiseditse ho etsa bobe ka sebete.

12. Leha moetsadibe a ka etsa bokgopo halekgolo, yaba o phela halele, feela ke tseba hantle hore ba tshabang Modimo, ba mo hlomphang, ke bona ba tla phela hamonate.

13. Empa ya kgopo a ke ke a phela hamonate, le matsatsi a bophelo ba hae a ke ke a lelefala jwaloka seriti, hobane yena ha a tshabe Modimo.

14. Ho na le mafeela a etsahalang mona lefatsheng. Batho ba lokileng ba fumana se lokelang ba kgopo, athe ba kgopo ba fumana se lokelang ba lokileng. Hona le hona ke lefeela.

Moruti 8