15. Ka baka lena ke thoholetsa boithabiso, hobane mona lefatsheng ha ho ntho e molemo ho motho, haese hore a je, a nwe, mme a nyakalle. O tla nne a nyakalle jwalo ha a le mosebetsing wa hae, ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, ao Modimo a mo neileng wona mona lefatsheng.
16. Ha ke ntse ke labalabela ho tseba bohlale le ho hlahloba mesebetsi e etswang mona lefatsheng, ka elellwa hore bosiu le motsheare motho ha a robale,
17. mme ka bona le mesebetsi yohle ya Modimo. Ka elellwa hore ha ho motho ya utlwisisang se etsahalang mona lefatsheng. Le hoja motho a leka kahohle ho fuputsa mesebetsi ena, o sitwa ho e fihlela. Leha mohlalefi a ithetsa ka ho re yena o a tseba, empa a ke ke a ba a e utlwisisa.