Moruti 8:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Ya tshwanang le mohlalefike mang?Ya tsebang ho hlalosa dinthoke mang?Bohlale bo edisa fahleho sa motho,ho tsunkana ha sona ebe ho a fetoha.

2. Ke re ho lona: Hlomphang taelo ya kgosi, hobane le entse kano kapele ho Modimo.

3. Le se no potlakela ho tloha kapele ho kgosi, le se ke la ngangella tabeng e mpe, hobane kgosi e etsa seo e se ratang.

4. Kaha lentswe la kgosi le ena le matla, ke mang ya ka reng ho yona: “Jwale o etsang?”

5. Ya hlomphang taelo ya kgosia ke ke a tswa kotsi,mohlalefi o tsebahore nako ya kahlolo e teng.

6. Ntho ka nngwee na le nako ya kahlolo ya yona,empa bokgopo ba mothobo mo imela haholo.

7. Motho ha a na tseboya tse tla etsahala;tsa maisaoa ka di senolelwa ke mang?

8. Motho ha a na matlaa ho busa moya wa hae,kapa a ho laolatsatsi la lefu la hae;ha ntwa e kopaneha ho bewe dihlomo fatshe,bokgopo bo ke ke ba lokollaba bo etsang!

Moruti 8