Moruti 7:23-28 BIBELE (SSO89SO)

23. Ka bohlale, tsena tsohle ke di lekile, ka re:“Le nna ke sa tla be ke hlalefe!”Empa bohlale ke sitwa ho bo fihlela.

24. Seo se hole, se tebileng hakaalo,ebe ya ka se sibollang ke mang?

25. Ka pelongka labalabela ho batla tsebo,ho fuputsa le ho sibolla bohlale,ho fumana mabakaa boleng ba dintho;ho tseba ha bokgopo e le bothoto,bothoto bona e le bohlanya.

26. Mosadi ya tshwasangka maqiti a hae,eo pelo ya hae e tshwanang le sefi,matsoho a hae a kang mahlaahlela,ka fumana a tshabeha ho feta le lefu.Ya kgahlisang Modimoo tla phonyoha atleng tsa hae,athe moetsadibe yena o tla tshwaswa.

27. “Ako bone mona,” ho rialo Moruti, “seo ke se sibolotseng ke sena:“Ha ke ntse ke nahana taba ka nngwe,ho fumana mabakaa boleng ba dintho;

28. ha ke ntse ke fuputsa,ke sa fumane letho,ka fumana monna wa bannaho ba sekete,hara basadi tengha ke a fumana le ya mong!

Moruti 7