Moruti 7:20-25 BIBELE (SSO89SO)

20. Ha ho ya lokileng mona lefatsheng,ya etsang ho molemo,ya sa etseng sebe.

21. Se mamele dipuo tsohle tsa batho,esere wa utlwa mohlanka wa haoa o rohaka.

22. Le wena ka pelong o tseba hantle,ke ka makgetloba bang le wena o ba rohaka.

23. Ka bohlale, tsena tsohle ke di lekile, ka re:“Le nna ke sa tla be ke hlalefe!”Empa bohlale ke sitwa ho bo fihlela.

24. Seo se hole, se tebileng hakaalo,ebe ya ka se sibollang ke mang?

25. Ka pelongka labalabela ho batla tsebo,ho fuputsa le ho sibolla bohlale,ho fumana mabakaa boleng ba dintho;ho tseba ha bokgopo e le bothoto,bothoto bona e le bohlanya.

Moruti 7