13. Ako tadime mesebetsi ya Modimo:Se kgopamisitsweng ke Modimo,se ka kgopamollwa ke mang?
14. Mohla tsatsi la thabonyakalla le wena,mohla tsatsi la mahlonokoako hopole sena:Matsatsi ana, bobedi,a entswe ke Modimo;kahoo tsa kamosomotho a ke ke a di tseba.
15. Bophelong bona ba ka ba lefeela ke bone dintho tsena:Motho o a shwaleha a ntsa lokile,motho o a tsofalaleha a ntsa le kgopo.
16. Se itokafatseho feta tekanyo,kapa wa itlhalefisaho feta tekanyo;ebe o ipolaelangka ho etsa jwalo?
17. Se be kgopo ho tlola moedi,le teng o se ke wa iketsa sethoto;o tla bo shwellangpele ho nako ya hao?
18. Molemo ke ho itshwarellaka polelo ya pele,le ya bobedi o se ka e nyahlatsa;ya tshabang Modimoo phema tsietsi tsena bobedi!
19. Bohlale bo matlafatsa motho,motho wa mohlalefi,a fete babusi ba motseba le leshome.
20. Ha ho ya lokileng mona lefatsheng,ya etsang ho molemo,ya sa etseng sebe.