Moruti 7:11-19 BIBELE (SSO89SO)

11. Bohlale bo molemo jwaloka lefa,bo atlehisa bathoba ntseng ba phela.

12. Bohlale bo a sireletsa,tjhelete e a sireletsa;molemo o moholo wa tsebo ke ona:Ba ruileng,bohlale bo ba nea bophelo.

13. Ako tadime mesebetsi ya Modimo:Se kgopamisitsweng ke Modimo,se ka kgopamollwa ke mang?

14. Mohla tsatsi la thabonyakalla le wena,mohla tsatsi la mahlonokoako hopole sena:Matsatsi ana, bobedi,a entswe ke Modimo;kahoo tsa kamosomotho a ke ke a di tseba.

15. Bophelong bona ba ka ba lefeela ke bone dintho tsena:Motho o a shwaleha a ntsa lokile,motho o a tsofalaleha a ntsa le kgopo.

16. Se itokafatseho feta tekanyo,kapa wa itlhalefisaho feta tekanyo;ebe o ipolaelangka ho etsa jwalo?

17. Se be kgopo ho tlola moedi,le teng o se ke wa iketsa sethoto;o tla bo shwellangpele ho nako ya hao?

18. Molemo ke ho itshwarellaka polelo ya pele,le ya bobedi o se ka e nyahlatsa;ya tshabang Modimoo phema tsietsi tsena bobedi!

19. Bohlale bo matlafatsa motho,motho wa mohlalefi,a fete babusi ba motseba le leshome.

Moruti 7