Moruti 5:3-10 BIBELE (SSO89SO)

3. Jwalokaha toroe tswalwa ke metouto,polelo tsa sethotodi tswalwa ke ho bua haholo.

4. Ha o etsetsa Modimo kano, o se ke wa dieha ho e phethahatsa, hobane Modimo ha a kgahlwe ke dithoto. Phethahatsa seo o ikanetseng sona.

5. Ho molemo ha o ke ke wa etsa kano, ho ena le hore o e etse, ebe ha o e phethahatse.

6. Se dumelle leleme la hao ho o kgannela sebeng, ebe jwale o re ho moromuwa wa Modimo: “Ke entse phoso!” Eba o etsetsang hore Modimo a halefiswe ke dipolelo tsa hao, ebe o fedisa mosebetsi wa matsoho a hao?

7. Ditoro tse ngata le dipolelo tse ngata ke mafeela, empa wena eka kgona o tshabe Modimo.

8. Ha o bona mofutsana a hatellwa, a amohuwa toka le ditokelo tsa hae naheng ya heno, tseo di se ke tsa o makatsa, hobane mookamedi o na le ya mo okametseng, mme baokamedi le bona ba na le mookamedi e moholo.

9. Se molemo ho setjhaba sohle ke kgosi e thahasellang temo.

10. Ya ratang tjheleteha e ke be e mo lekane,ya ratang leruokamehla o a le halala;hona le hona e sa le lefeela.

Moruti 5