Moruti 5:1-15 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha o eya ka tlung ya Modimo, hlokomela mehato ya hao. Atamela haufi, o mamele, ho ena le ho ya etsa nyehelo ya mahlabelo jwaloka dithoto tse sa tsebeng hore di etsa sebe.

2. Se potlakele ho ahlamisa molomo,pelo ya hao e se ke ya ba lehalaho bua ho hong kapela Modimo.Modimo o lehodimong,wena o lefatsheng,kahoo polelo tsa hao di se be kae.

3. Jwalokaha toroe tswalwa ke metouto,polelo tsa sethotodi tswalwa ke ho bua haholo.

4. Ha o etsetsa Modimo kano, o se ke wa dieha ho e phethahatsa, hobane Modimo ha a kgahlwe ke dithoto. Phethahatsa seo o ikanetseng sona.

5. Ho molemo ha o ke ke wa etsa kano, ho ena le hore o e etse, ebe ha o e phethahatse.

6. Se dumelle leleme la hao ho o kgannela sebeng, ebe jwale o re ho moromuwa wa Modimo: “Ke entse phoso!” Eba o etsetsang hore Modimo a halefiswe ke dipolelo tsa hao, ebe o fedisa mosebetsi wa matsoho a hao?

7. Ditoro tse ngata le dipolelo tse ngata ke mafeela, empa wena eka kgona o tshabe Modimo.

8. Ha o bona mofutsana a hatellwa, a amohuwa toka le ditokelo tsa hae naheng ya heno, tseo di se ke tsa o makatsa, hobane mookamedi o na le ya mo okametseng, mme baokamedi le bona ba na le mookamedi e moholo.

9. Se molemo ho setjhaba sohle ke kgosi e thahasellang temo.

10. Ya ratang tjheleteha e ke be e mo lekane,ya ratang leruokamehla o a le halala;hona le hona e sa le lefeela.

11. Ha leruo le ata,bafepuwa ba a ata;ebe le thusa monga lona ka eng,haese ho nna a le boha kamehla?

12. Mosebeletsi o robala boroko,ebang o a lapa kapa o a kgora,empa morui ya hafang ka nkatanaha a bo hlothe ke maruo a hae!

13. Ho na le bobe bo otlang pelo, boo ke bo boneng mona lefatsheng:Motho o bokella leruole tlise bosoto,

14. kapa ka bomadimabeebe le a senyeha,mora haea qetelle a sa fumana lefa.

15. Jwalokaha motho eoa tswetswe a le feela,o tla ya lebitlenga ntsa le feela.Hara tsohletseo a di sebeditseng,a ke ke a nka le e nngweka letsoho la hae.

Moruti 5