Moruti 4:6-16 BIBELE (SSO89SO)

6. Seatla se le sengse fupereng kgotsose feta tse peditse tshwereng ka thata,tse lelekisang moya feela.

7. Yaba ke boela ke bona mafeela mona lefatsheng:

8. Motho ya mong to! ka monwana,ke eo,ha a na mora, ha a na ngwanabo,o sebetsa ka thata a sa kgaotse,le yena ka boyenaha a kgotsofalle leruo la hae.Jwale o a ipotsa:“Ke sebeletsa mang,ha ke itima tsa boithabiso?”Le hona ke lefeela,ke ho sebeletsa lelea!

9. Ba babedi ba feta ya mong,moputso wa bona o a hlamatseha.

10. Ha e mong a ewa,e mong o a mo tsosa;ho madimabe ya wangho se na mothusi!

11. Ba babedi ba a futhumatsanaha ba kopanetse dikobo;ya robetseng a le monga ka futhumala jwang?

12. Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata,thapo e kgwele di tharoe dieha ho kgaoha.

13. Mohlankana ya futsanehileng, empa a le bohlale, o feta kgosi e tsofetseng, e sethoto, e seng e sa tsebe le ho mamela dikeletso.

14. Mohlomong mohlankana eo o tswa tjhankaneng ho tla ba kgosi, kapa ebe o tswaletswe bofutsaneng, empa a tswallwa mmusong oo e tla ba wa hae.

15. Ke bone batho bohle ba phelang mona lefatsheng, ba tsamayang le mohlankana ya tla hlahlama kgosi.

16. Batho bao kgosi e tla ba busa ha ba na palo, empa le yona kgosi ha e se e fetile e ke ke ya thabelwa ke ba tla e hlahlama. Ruri le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisana le moya feela.

Moruti 4