1. Ka boela ka nahana, mme ka bona diketso tsohle tsa kgatello tse etswang mona lefatsheng:Ka bona meokgo ya ba hatellwang,feela bona ba se na motshedisi;bahatelli ba bonaba ena le matla,feela ba hatellwangba se na motshedisi.
2. Kahoo ka lebohelaba seng ba shwele,ho ena le banaba ntseng ba phela.
3. Bobedi ba fetwake ya eso tswalwe,ya eso ka ba a bona bokgopo,bokgopo bo etswang mona lefatsheng!
4. Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.
5. Sethoto se phutha matsoho a sona,mme se ipolaye ka bosona.
6. Seatla se le sengse fupereng kgotsose feta tse peditse tshwereng ka thata,tse lelekisang moya feela.
7. Yaba ke boela ke bona mafeela mona lefatsheng:
8. Motho ya mong to! ka monwana,ke eo,ha a na mora, ha a na ngwanabo,o sebetsa ka thata a sa kgaotse,le yena ka boyenaha a kgotsofalle leruo la hae.Jwale o a ipotsa:“Ke sebeletsa mang,ha ke itima tsa boithabiso?”Le hona ke lefeela,ke ho sebeletsa lelea!
9. Ba babedi ba feta ya mong,moputso wa bona o a hlamatseha.
10. Ha e mong a ewa,e mong o a mo tsosa;ho madimabe ya wangho se na mothusi!