Moruti 2:13-22 BIBELE (SSO89SO)

13. Ka bona hore bohlalebo molemo ho feta bothoto,jwalokaha lesedile le molemo ho feta lefifi.

14. Ya bohlale o na le mahlo a tjhatsi,athe sethoto se itsamaela lefifing.Ha e le nna ka hlokomela hona:Bohle pheletso ya bona e a tshwana.

15. Jwale ka bua ka pelo, ka re:“Se hlahelang sethotole nna se tla ntlhahela;ke fumanangka ho ba bohlale haholo?”Ka bua ka pelo, ka re:“Hona le hona e ntse le lefeela!”

16. Ya bohlale,ho tshwana le ya sethoto,a ke ke a hopolwakamehla le mehla;ka nako e tlangbobedi ba tla lebalwa.Mohlalefi o shwajwalokaha thoto se eshwa!

17. Yaba ke hloya bophelo, hobane mosebetsi o etswang mona lefatsheng o no le bohloko ho nna. Kaofela ha wona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.

18. Ka hloya mesebetsi yohle eo ke e entseng mona lefatsheng, hobane ke tlameha ho e siela ya tla ntlhahlama.

19. Ke mang ya tsebang haeba eo o tla ba bohlale kapa e be sethoto? Leha ho le jwalo o tla laola mesebetsi yohle eo ke e entseng mona lefatsheng ka matla a ka le ka bohlale ba ka. Hona le hona ke lefeela.

20. Kahoo ka itshwabela ka baka la mesebetsi yohle eo ke e entseng mona lefatsheng.

21. Motho a ka sebetsa ka bohlale ba hae le ka tsebo le ka toka, empa tsena o tla di siya e le lefa la ya sa di sebeletsang. Hona le hona ke lefeela le bomadimabe bo boholo.

22. Motho o boellwa keng ka mosebetsi wohle o boima, o mo kgathatsang, oo a o etsang mona lefatsheng?

Moruti 2