Moruti 2:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka bua ka pelo, ka re: “Ke tla leka ho itukubetsa hara menyaka, ke ithabise.” Empa ka fumana hore le hona e ntse le lefeela.

2. Yaba ke re: “Ditshebo ke bohlanya! Monyaka wona o thusang?”

3. Pelong ya ka ka rera ho ithabisa ka veine, feela ke ntse ke sebetsa ka bohlale; ka rera le ho kgomarela bothoto, hore ke tle ke fumane se leng molemo, seo batho ba ka se etsang mona lefatsheng ka nako yohle ya bophelo ba bona.

4. Ka iketsetsa mesebetsi e meholo, ka ikgahela matlo, ka itemela masimo a ka a morara.

5. Ka iketsetsa dirapa tsa dipalesa le tsa difate, ka lema difate tse behang mefuta yohle ya ditholwana.

6. Ka iketsetsa matshana ao ka metsi a wona ke nwesetsang difate tse lemilweng.

7. Ka ithekela makgoba le makgabunyane, mme makgoba a mang a tswallwa lapeng ha ka. Ka rua haholo, ka ba le mehlape ya dikgomo le ya dikgutshwane ho feta bohle ba ileng ba eba teng Jerusalema pele ho nna.

8. Ka ipokellela silefera le kgauta, le matlotlo a dikgosi le a dinaha tse pusong ya ka. Ka iphumanela dibini tsa banna le tsa basadi, le dintho tsohle tseo batho ba ka ithabisang ka tsona, le basadi ba bangata.

9. Kahoo ka tuma haholo, ka feta bohle ba bileng teng Jerusalema pele ho nna, mme ka dula ke ntse ke le bohlale.

10. Ha ke a ka ka itimamelakatswana yohle,ha ke a ka ka ithibelamenyaka yohle.Ke ne ke thabela tsohletsa mofufutso wa ka,hona e le moputsowa mofufutso wa phatla ya ka.

11. Ha ke tadima mesebetsiya matsoho a ka,le ho fufulelwa ha kaha ke e sebetsa,tsohle e ne le lefeelale kang ho lelekisa moya!Ha ho na moputso mona lefatsheng!

12. Maikutlong a ka ka nahana bohlale,ka nahana bohlanyale bona bothoto.Mohlahlami wa kgosia ka etsang hape,haese feela ho etsase seng se entswe?

Moruti 2