Moruti 1:13-18 BIBELE (SSO89SO)

13. Ka ineela ka pelo ya ka yohle ho batla le ho fuputsa ka bohlale, dintho tsohle tse etswang mona lefatsheng. Modimo o neile batho mosebetsi ona o boima hore ba o sebetse ka thata.

14. Ke bone mesebetsi yohle e etswang mona lefatsheng, empa kaofela ha yona ke mafeela a tshwanang le ho lelekisa moya.

15. Ho kgopamengho ke ke ha kgopamollwa,ho seng tengho ke ke ha ba ha balwa.

16. Yaba ke bua ka pelo, ke re: “Ako bone, ke tumme haholo ka ho hlalefa ho feta bohle ba kileng ba busa motseng wa Jerusalema pele ho nna. Ke na le tsebo e ngata ya bohlale le ya thuto.”

17. Ka ikemisetsa ho ithuta hore ke utlwisise bohlale le bohlanya le bothoto, empa ka elellwa hore le hona e ntse le ho lelekisa moya feela.

18. Bohlale bo bongatabo tlisa mahlomola a mangata,ya eketsang tseboo ikekeletsa maswabi.

Moruti 1