Moruti 1:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Tsena ke dipolelo tsa Moruti, mora wa Davida, eo e neng e le kgosi motseng wa Jerusalema:

2. “Lefeela la mafeela,”ho rialo Moruti;“lefeela la mafeela,tsohle ke lefeela!”

3. Motho o boellwa kengmosebetsing wohle wa hae,oo a o sebetsangka thata lefatsheng?

4. Moloko o a hlaha,moloko o a feta,fatshe lona le hlola kamehla yohle.

5. Tsatsi le a tjhaba,tsatsi le a dikela,le potlake hapeho kgutlela botjhabela.

6. Moya o fokela borwa,o fokele leboya,o potolohe jwalo,o kgutlele moo o tswang teng.

7. Dinoka tsohledi phallela lewatleng,empa lewatle ha le ke le tlala.Moo dinoka di phallelang teng,ke moo di phallelang teng kamehla.

8. Dintho tsohle di tena motho,di tena ho feta polelo ya motho;leihlo la mothoha le tenehe ke ho bona,tsebe ha e tlale tseo e di utlwang.

Moruti 1