9. Ke sitetswe Morena, ke entse sebe,kahoo kgalefo ya Morenake tla e mamella,ke e mamelle ho fihlela a ntwanela,a ntwanela, a nnea tokelo ya ka.Morena o tla nkisa,a nkise kganyeng ya hae,teng ke bone ho loka ha hae.
10. Ke moo dira tsa ka di tla bona,di bone, di aparelwe ke dihlong,tsona dira tse nengdi bua ho nna, di re:“O kae Morena Modimo wa hao?”Ke tla bonaha di hatakelwa ka maoto,di hatakelwa sa qhafutso diterateng.
11. Tsatsi le tla fihlala ho tsosa marako a motse,tsatsi la ho atolosa meedi ya lona.
12. Mohla tsatsi leobatho ba tla tla ho lona,ba tle ba etswa Asiria le Egepeta,ba etswa Egepeta,ba etswa Euferatese;ba tle ba etswa mawatleng wohle,ba tle ba etswa dithabeng tsohle.
13. Lefatshe le tla fetoha nanaola,le fetohe nanaolaka baka la baahi ba lona,le fetohe nanaolaka baka la diketso tsa bona.
14. Morena, ka lere la haoalosa mohlape wa hao,alosa mohlape oo e leng lefa la hao,mohlape o dulango le inotshi kahara moru,o dulangkahara makgulo a nonneng;o ke o fule Bashane le Gileade,o fule tengjwaloka mehleng ya boholoholo.
15. “Ke tla bontsha tjhaba sa ka,ke se bontshe dimakatso,ke se bontshe tsonasa mohla se tswang Egepeta.”
16. Ditjhaba di tla bona,di hlajwe ke dihlong,le hoja di le matla;ditjhaba di tla makala,di be di hlollwe,le tsebe tsa tsona di be di thibane.
17. Di tla nyeka lerole jwaloka dinoha,di le nyekesa dihahabi di holoba fatshe.Di tla tswa diahelong tsa tsonadi thothomela,di retelehele ho Morena,Morena Modimo wa rona,di retelehele ho yena di tshohile,di tshohile haholo hobane di o tshaba.
18. Ke Modimo ofeya tshwanang le wena?Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolotsa masalla a setjhaba sa hae?Wena o Modimoya sa halefeleng ruri,wena o Modimoya thabelang ho hauhela.
19. O tla boela o re utlwela bohloko,makgopo a rona o a hatakella fatshe,dibe tsa ronao di lahlela botebong ba lewatle.