Mmikiya 7:1-13 BIBELE (SSO89SO)

1. Ke madimabe hakaakang!Ke ka mothoya reng o kgola tholwana,ya reng o kgola tsa hlabulaathe ha di yo.Ke ka rapa sa morarase kgwahlapisitswe;ha ho lesihla la morarale ka jewang,ha ho feiye ya peleeo nka e lakatsang.

2. Ba hlomphang Modimoha ba sa le yo lefatsheng,ha ho le ya mongya etsang ho lokileng;bohle ba laletse ho tsholla madi,motho o tjhehile ngwanabo,o mo tjhehile ka letlowa.

3. Ka matsoho a bonaba ithutile ho etsa bokgopo,ba bile ba bo etsa ba kgothetse;mmusi o batla horea ntshetswe dimpho,moahlodi yena o amohela tjotjo;ba matla ba laela horeho phethwe ditakatso,takatso tsa bona tse kgopo,ba loha mano jwalo ba le hammoho.

4. Ya lokileng ho ba fetao ka hlabahlabane,ya tshepahalang ho ba fetao ka lekgwakgwale baletswe ka leoka.Letsatsi la balebedi ba hao le fihlile,letsatsi leoModimo a tla o otla ka lona,nako ya hore ba ferekanejwale e fihlile.

5. O se tshepe ya ahisaneng le wena,motswalle le yenao se ke wa mo tshepa;esita le ho yena mosadi wa hao,o ele hlokoseo o se buang ho yena.

6. Mora o hlompholla ntatae,moradi o fetohela mmae,ngwetsi e fetohela matsalayo,ba lapa la mothoke bona dira tsa hae.

7. Empa nna ke tla lebella Morena,ke lebelle Modimo,Mopholosi wa ka;Modimo wa ka o tla nkutlwa.

8. Wena sera sa ka,o se ke wa nyakalla ka nna!Leha nka wa ke tla boela ke tsohe;leha nka dula lefifingMorena o tla mponesetsa.

9. Ke sitetswe Morena, ke entse sebe,kahoo kgalefo ya Morenake tla e mamella,ke e mamelle ho fihlela a ntwanela,a ntwanela, a nnea tokelo ya ka.Morena o tla nkisa,a nkise kganyeng ya hae,teng ke bone ho loka ha hae.

10. Ke moo dira tsa ka di tla bona,di bone, di aparelwe ke dihlong,tsona dira tse nengdi bua ho nna, di re:“O kae Morena Modimo wa hao?”Ke tla bonaha di hatakelwa ka maoto,di hatakelwa sa qhafutso diterateng.

11. Tsatsi le tla fihlala ho tsosa marako a motse,tsatsi la ho atolosa meedi ya lona.

12. Mohla tsatsi leobatho ba tla tla ho lona,ba tle ba etswa Asiria le Egepeta,ba etswa Egepeta,ba etswa Euferatese;ba tle ba etswa mawatleng wohle,ba tle ba etswa dithabeng tsohle.

13. Lefatshe le tla fetoha nanaola,le fetohe nanaolaka baka la baahi ba lona,le fetohe nanaolaka baka la diketso tsa bona.

Mmikiya 7