Mmikiya 6:9-16 BIBELE (SSO89SO)

9. Ya bohlaleo tshaba lebitso la Morena.Morena o ipiletsa ho motse, o re:“Lona tjhaba se phuthehileng,se phuthehetseng mona, mamelang!

10. Na nka iphapanyetsamatlotlo a bolotsana,le dikala tse qhekanyetsang,tse rohakehileng?

11. “Na ke tla lokollaya nang le sekala se qhekanyetsang?Ke lopolleya nang le sekala sa bolotsana,eo boima ba mokotla wa haebo sa nepahalang?

12. “Barui ba lona ke banna ba sehloho;tjhaba sa lona ke batho ba leshano,maleme a bonake maleme a thetsang.

13. Kahoo ke se ke qadile ho le otla,ke le timetsaka baka la dibe tsa lona.

14. Le tla ja, empa le ke ke la kgora!Le tla sala le ntse le lapile jwalo.Le tla ba le mahlaba a pelehi,empa bana bonale ke ke la ba beleha;esita leha le ka beleha bana,bana baoke tla ba bolaya ka sabole.

15. “Le tla jala,empa le ke se kotule letho;le tla tlhotla tholwana tsa mohlwaare,empa le ke se itlotse ka ole ya tsona;le tla tlhotla tholwana tsa morara,empa le ke se nwe veine ya tsona.

16. Ditaelo tsa Omeri le di phethile,le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe,dikeletso tsa bona le ile la di latela;ka baka leo, ke tla le timetsa,tjhaba sa lona ke se fetole sesomo,sekgobo sa baditjhabale se jare jwalo.”

Mmikiya 6