1. Wena Jerusalema,kgobokanya bahlabani ba hao,hobane re etseditswe thibella;mmusi wa Iseraele ba tla mo otla,ba mo otle ka thupa lerameng.
2. “Ha e le wenaBetlelehema Eferata,leha o le monyenyanehara meloko ya Juda,ho wenaho tla tswa mmusi wa Iseraele,eo leloko la haele qalehileng kgale,la qaleha mehleng ya baholoholo.”
3. Kahoo Morenao tla furalla Baiseraele,a ba furalleho fihlela mosadi a beleha;ke moo Baiseraele ba tla kgutla,ho kgutleBaiseraele ba phonyohileng,ba kgutle,ba ikopanye le bana babo bona.
4. O tla ema,a alose mohlape wa hae,a o aloseka matla a tswang ho Morena,ka bitso le tlotlehangla Morena Modimo wa hae.Ba tla phela ba sireletsehile,hobane boholo ba hae bo tla nama,bo namele pheletsong tsa lefatshe.
5. Yena e tla ba kgotso ya bona.Ha Asiria e futuha,e futuhela naha ya rona,qhobosheane tsa rona e di ripitla,re tla e neella ka balaodi ba supile,le ka mahosana a robedi a setjhaba.
6. Ba tla busa naha ya Asiria ka sabole,le naha ya Nimerodeka sabole e motsutswe;mmusi ya tswang Betlelehemao tla re namolela,a re namolele matleng a Asiriaha e futuhela naha ya rona,e hwanka kahara meedi ya rona.
7. Masalla a Jakobo a tla ba teng,a be teng hara ditjhaba tse ngata,a be jwaloka phokae tswang ho Morena,a be jwaloka medupee kolobisang jwang,medupe e sa ke bee laelwe ke motho,kapa e emeleho phetha thato ya motho.
8. Masalla a Jakobo a tla ba teng,a be teng hara ditjhaba,a be teng hara merabe e mengata,a be jwaloka tauhara dibatana tsa meru,a be jwaloka tawanahara mehlape ya dinku,tawana e fetang e harola, e tsekolla,empa ho se ya ka pholoswang,ya ka pholoswang tleneng tsa yona.
9. Tsoho la haole tla phahamela hodimo,le phahamelehodima ba o lwantshang,dira tsa hao tsohle di tla timetswa.