Mmikiya 4:3-11 BIBELE (SSO89SO)

3. Morena o tla ahlolaa ahlolele tjhaba tse ngata,a fedise ho se utlwanehara tse ngata, tse hole;sabole tsa tjhaba tseodi tla etsa mehoma,marumo a tsona di a etse disekele.Tjhaba di ke ke tsa hloladi nkelana disabole,di ke ke tsa hloladi itokisetsa dintwa.

4. Motho ka mong o tla phomolatlasa morara wa hae,a phomoletlasa sefate sa hae sa feiye;ha ho le ya mong ya sa tla ba tshosa,hobane Morena wa mabothoo boletse jwalo.

5. Tjhaba tsohledi sebeletsa medimo ya tsona,empa rona re tla sebeletsa Morena,re sebeletse Modimo wa ronakamehla le mehla.

6. “Mohla tsatsi leo,”ho rialo Morena,“ke tla bokella ba hlotsang,ke phuthe ba qhalantsweng,ke phuthe bao ke ba otlileng

7. Ba hlotsang ke tla ba etsa masalla,ba qhalantswengke ba etse tjhaba se matla.Morena o tla ba busaa le Thabeng ya Sione,a ba buse ho tloha mohla tsatsi leo,a ba buse kamehla le mehla.

8. Ha e le wena, Tora ya Mohlape,wena qhobosheaneya Moradi wa Sione,o tla buseletswa puso ya hao ya pele,mmuso o kgutleleho Moradi wa Jerusalema.”

9. Jwale wena o llelang hakaale?Na ebe wena ha o na kgosi?Na moeletsi wa hao o timetse,ha e le moo o utlwa bohloko,bohloko bo kang,ba mahlaba a pelehi?

10. Meneka, o bobole,wena Moradi wa Sione,o ke ya tshwerwengke mahlaba a pelehi,jwale o tla tswa kahara motse,o tswe, o yo aha nahathothe.O tla tsamaya, o ye Babilona,ke hona moo o tla pholoswa teng,Morena o tla o lopollao le hona moo,a o namolelematsohong a dira tsa hao.

11. Jwale tjhaba tse ngatadi o dikile, di re:“A Sione e ke e silafale,re be re e bone ha e silafala!”

Mmikiya 4