1. Mohla matsatsi a ho qetela,thaba eo Tempele ya Morenae hahilweng hodima yona,e tla phahamela dithaba tsohle,e phahamele le maralla wohle,ditjhaba tsohle di phallele ho yona.
2. Matjhabatjhaba a tla fihla,a re: “Tloong,re nyoloheleng thabeng ya Morena,re nyoloheleng Tempelengya Modimo wa Jakobo.O tla re ruta ditaba tsa hae,re tle re tsamaye tseleng tsa hae;”kaha molao o tla tswa,o tswe thabeng ya Sione,ntswe la Morena le tswe Jerusalema.
3. Morena o tla ahlolaa ahlolele tjhaba tse ngata,a fedise ho se utlwanehara tse ngata, tse hole;sabole tsa tjhaba tseodi tla etsa mehoma,marumo a tsona di a etse disekele.Tjhaba di ke ke tsa hloladi nkelana disabole,di ke ke tsa hloladi itokisetsa dintwa.
4. Motho ka mong o tla phomolatlasa morara wa hae,a phomoletlasa sefate sa hae sa feiye;ha ho le ya mong ya sa tla ba tshosa,hobane Morena wa mabothoo boletse jwalo.
5. Tjhaba tsohledi sebeletsa medimo ya tsona,empa rona re tla sebeletsa Morena,re sebeletse Modimo wa ronakamehla le mehla.
6. “Mohla tsatsi leo,”ho rialo Morena,“ke tla bokella ba hlotsang,ke phuthe ba qhalantsweng,ke phuthe bao ke ba otlileng