Mmikiya 3 BIBELE (SSO89SO)

Ho nyatswa baetapele ba Iseraele

1. Yaba ke re:“Lona baetapele ba Jakobo,mamelang!Lona babusi ba ntlo ya Iseraele,mamelang!Na toka ha le a tshwanela ho e tseba?

2. Le hloile botle, le rata bokgopo,le thwebola setjhaba sa ka,le se thwebola letlalo,le se tswebolotse dinama masapong;

3. le buha tjhaba sa ka letlalo,le se buhe, le itjelle nama ya sona,masapo a sonale a robake dikotwana;le se kgabela sa nama e tla hadikwa,sa nama e kgabelwang e tla apehwa.”

4. Ke moo ba tla ipiletsa ho Morena,Morena a ke ke a ba araba.Mohlang ooo tla ba patela fahleho sa hae,ka baka la diketso tsa bona,ketso tsa bona tse kgopo.

5. Morena o bua tjena:“Baporofeta banatjhaba sa ka ba a se kgelosa,ba re <kgotso>ho motho ya ntshang diphomoso,ba lwane ya kgumamelale ya se nang tsona.”

6. Ho baporofeta bana Morena o re:“Ka baka leo,bosiu bo tla le aparela,bo le aparele,le se ke la bona dipono,le aparelwe ke lefifi,le bonohe bo fele,tsatsi le dikele,baporofeta ba phirimelwe,ho bona motshearee ke fifi le letsholetsho.

7. Bo-radipono dihlong di tla ba hlaba,dinohe le tsona di tlontlolohe;kaofela ha bonaba tla ikgurumetsa difahleho,hobane Modimo a sa ba arabele.”

8. Empa nna ruri ke na le matla,Moya wa Morena o ka hare ho nna;o nthutile toka, wa mpha le sebeteho bolella Jakobo ditlolo tsa hae,le ho bolella Iseraele sebe sa hae.

9. Lona baetapele ba ntlo ya Jakobo,mamelang!Lona babusi ba ntlo ya Iseraele,mamelang!Tsohle tse lokileng le a di nyedisa,tsohle tse nepahetseng le di sokamise.

10. Ka tshollo ya madiSione le e hahile,ka bokgopo ba lonala haha Jerusalema.

11. Baetapele ba yonaba ahlolela ba ba neang tjotjo,baprista ba yonaba rutela ho newa moputso,baporofeta ba yonaba porofetela tjhelete;ho le jwalo, ba tshepile Morena,ba re: “Ha re re Morenao teng kahara rona?Ha ho koduwae ka ba re wela hodimo!”

12. Ka baka la lona Sione e tla lengwa,e lengwe jwalokaha tshimo e lengwa,Jerusalema e fetohe, e be masupi,thaba ya Tempele e ririellane difate.