Mmikiya 1:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Mehleng ya puso ya Jotame, le Akase, le Hesekiya, dikgosi tsa Juda, lentswe la Morena la fihla ho Mmikiya wa Moreshete. Morena a mmontsha ka pono tse tla hlahela Samaria le Jerusalema.

2. Lona ditjhaba tsohle, mamelang!Wena lefatshe, sekeha tsebe!Le tsohle tse ho wenadi sekehe tsebe!Morena Modimo o tla le qosaa le ka Tempeleng ya hae,Tempele e halalelang.

3. Bonang!Morena o tswa ka leahong la hae;o tla theoha,a hate tlhorong tsa dithaba.

4. Dithaba di tla qhibidihatlasa maoto a hae,fatshe le peperane,ho hlahe dikgohlo;dithaba di qhibidihesa tshotso e utlwa mollo,di phoroselesa metsi a theoha mothipoloheng.

5. Tsena tsohle di bakilweke dibe tsa Jakobo,di bakilweke dibe tsa ntlo ya Iseraele.Dibe tsa Jakobo di bakilwe ke mang?Di bakilwe ke baahi ba Samaria.Ho kgumamela medingwanaho bakilwe ke mang Judea?ho bakilwe ke baahi ba Jerusalema.

6. “Ka baka leo,Samaria ke tla e fetola lesupi,dirapa tsa morara di lengwe teng;majwe a yonake tla a akgela ka kgohlong,metheo ya yona e sale poyaneng.

Mmikiya 1