Meetlo 8:8-24 BIBELE (SSO89SO)

8. A mo apesa mokgabiso wa sefuba, mme hodima wona a bea majwana a kgabisitsweng a Urime le Thumime.

9. A mo rwesa katiba hloohong, mme a bea moqhaka wa kgauta o halalelang hodima karolo e kapele ya katiba eo, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.

10. Yaba Moshe o nka ole e tlotsang, o tlotsa Tente ya Morena, le tsohle tse neng di le ka ho yona, mme a di halaletsa.

11. A foka hodima aletare ka ole, ka makgetlo a supileng; a foka le sekotlolo le sedulwana sa sona, hore di halalele.

12. A tshela ole hodima hlooho ya Arone, a mo tlotsa hore a halalele.

13. Jwale Moshe a tlisa bara ba Arone, a ba apesa diaparo tse fihlang maotong, mme a ba tlama ka maqhama, a ba rwesa dituku, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

14. Jwale Moshe a tlisa pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, mme Arone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hodima hlooho ya pohwana ya nyehelo e tlosang dibe.

15. Moshe a e hlaba, mme a qopetsa monwana wa hae ka mading, a tlotsa manaka a aletare ka madi ao, a e hlwekisa. Madi a mang a a tshollela motheong wa aletare, a e halaletsa, a e hlwekisa.

16. A nka mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, le tshotso ya tsona, a di tjhesetsa hodima aletare.

17. Pohwana ena, le letlalo la yona, le nama ya yona, le moswang wa yona, a di nka, a di tjhesetsa kantle ho diahelo, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

18. Moshe a tlisa pheleu ya sehlabelo sa setjheso, mme Arone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hodima hlooho ya yona.

19. A e hlaba, mme ka madi a yona a foka aletare ho e potapota.

20. Moshe a kgabela pheleu ena, mme a tjhesa hlooho ya yona, le ditho tsa yona, le mafura a yona.

21. Dikahare le ditlhakwana a di hlatswa ka metsi, mme a tjhesetsa pheleu yohle hodima aletare. E ne e le nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.

22. Jwale Moshe a tlisa pheleu ya bobedi, e leng pheleu ya kgalaletso. Arone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hodima hlooho ya yona.

23. A e hlaba, mme a nka madi a mang a yona, a tlotsa ntlha ya tsebe ya Arone ya letsoho le letona, le monwana o moholo wa letsoho la hae le letona, le monwana o moholo wa leoto le letona.

24. Moshe a tlisa bara ba Arone, a nka madi, mme ka wona a tlotsa dintlha tsa ditsebe tsa bona tsa matsoho a matona, le hodima menwana e metona ya matsoho a bona a matona; le hodima menwana e metona ya maoto a bona a matona. Ka madi a mang Moshe a foka aletare ho e potapota.

Meetlo 8