Meetlo 8:31-36 BIBELE (SSO89SO)

31. Moshe a re ho Arone le ho bara ba hae: “Phehelang nama ena monyakong wa Tente ya Morena, mme le e jele moo, le bohobe bo ka serotong sa dinyehelo tsa kgalaletso, jwalokaha Morena a laetse, a re: <Arone le bara ba hae ba tla di ja.>

32. Nama e setseng, le bohobe bo setseng, le tla di tjhesa ka mollo.

33. Le qete matsatsi a supileng le sa tswe ka monyako wa Tente ya Morena, ho fihlela matsatsi a kgalaletso ya lona a fela, hobane le tla halaletswa ka matsatsi a supileng.

34. Morena o laetse hore ho etswe se entsweng kajeno, hore le etsetswe tefelo ya sebe.

35. Le tla hlola monyakong wa Tente ya Morena ka matsatsi a supileng, motsheare le bosiu, le etsa seo Morena a le laetseng sona, le tle le se ke la shwa, hobane ke laetswe jwalo ke Morena.”

36. Arone le bara ba hae ba etsa tsohle tseo Morena a di laetseng Moshe.

Meetlo 8