17. Pohwana ena, le letlalo la yona, le nama ya yona, le moswang wa yona, a di nka, a di tjhesetsa kantle ho diahelo, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
18. Moshe a tlisa pheleu ya sehlabelo sa setjheso, mme Arone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hodima hlooho ya yona.
19. A e hlaba, mme ka madi a yona a foka aletare ho e potapota.
20. Moshe a kgabela pheleu ena, mme a tjhesa hlooho ya yona, le ditho tsa yona, le mafura a yona.
21. Dikahare le ditlhakwana a di hlatswa ka metsi, mme a tjhesetsa pheleu yohle hodima aletare. E ne e le nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
22. Jwale Moshe a tlisa pheleu ya bobedi, e leng pheleu ya kgalaletso. Arone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hodima hlooho ya yona.
23. A e hlaba, mme a nka madi a mang a yona, a tlotsa ntlha ya tsebe ya Arone ya letsoho le letona, le monwana o moholo wa letsoho la hae le letona, le monwana o moholo wa leoto le letona.
24. Moshe a tlisa bara ba Arone, a nka madi, mme ka wona a tlotsa dintlha tsa ditsebe tsa bona tsa matsoho a matona, le hodima menwana e metona ya matsoho a bona a matona; le hodima menwana e metona ya maoto a bona a matona. Ka madi a mang Moshe a foka aletare ho e potapota.
25. Jwale a nka mafura a pheleu, le mafura a mohatla wa yona, le mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, le tshotso ya tsona, le serope sa letsoho le letona.