26. Diahelong tsa lona tsohle le se ke la ba la ja bobete, e ka ba ba nonyana, kapa ba phoofolo.
27. Motho ofe le ofe ya jang bobete bofe le bofe, le yena o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.> ”
28. Morena a bua ho Moshe, a re:
29. “Bua le bana ba Iseraele, o re: <Motho ya nyehellang Morena sehlabelo sa hae sa teboho, o tla mo tlisetsa karolo ya sona e le nyehelo e kgethehileng.
30. O tla tlisetsa Morena nyehelo ya setjheso ka matsoho a hae; o tla tlisa mafura le sefuba hore a tle a se akgotse kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang.
31. Moprista o tla tjhesetsa mafura ao hodima aletare, empa sefuba e tla ba sa Arone le bara ba hae.
32. Sehlabelong sa hao, sa nyehelo ya teboho, o tla nea moprista serope sa tsoho le letona, e le nyehelo e akgotswang.
33. E mong wa bara ba Arone, ya nyehelang ka madi le ka mafura a nyehelo ya teboho, yena seabo sa hae e tla ba serope sa tsoho le letona.
34. Sehlabelong sa nyehelo ya teboho, ya bana ba Iseraele, ke nkile sefuba sa nyehelo e akgotswang, le serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, ke di neile moprista Arone le bara ba hae; ke molao wa mehla yohle.> ”
35. Sena ke seabo sa Arone le bara ba hae, se tswang dinyehelong tsa setjheso sa Morena, seo ba se abetsweng ho tloha mohla ba halaletswang hore e be baprista ba Morena.
36. Mohla Morena a ba tlotsang, o ne a laele bana ba Iseraele hore ba ba fe seabo sena, mme hona ke molao wa mehla yohle, wa meloko ya bona.
37. Ona ke molao wa setjheso sa nyehelo ya dijo, le sa nyehelo e tlosang sebe, le sa nyehelo ya melato, le sa nyehelo ya kgalaletso, le sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho.
38. Tsena, Morena o ne a di laele Moshe ha a le thabeng ya Sinai, mohla a neng a laela bana ba Iseraele ho tlisetsa Morena dinyehelo tsa bona, ha ba le lehwatateng la Sinai.