Meetlo 7:24-36 BIBELE (SSO89SO)

24. Mafura a phoofolo e itjhwellang feela, le mafura a phoofolo e harotsweng ke dibatana, wona a ka sebediswa mererong efe kapa efe, empa le se ke la ba la a ja.

25. Mang le mang ya jang mafura a phoofolo eo motho a e nyehellang Morena e le setjheso, le yena motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

26. Diahelong tsa lona tsohle le se ke la ba la ja bobete, e ka ba ba nonyana, kapa ba phoofolo.

27. Motho ofe le ofe ya jang bobete bofe le bofe, le yena o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.> ”

28. Morena a bua ho Moshe, a re:

29. “Bua le bana ba Iseraele, o re: <Motho ya nyehellang Morena sehlabelo sa hae sa teboho, o tla mo tlisetsa karolo ya sona e le nyehelo e kgethehileng.

30. O tla tlisetsa Morena nyehelo ya setjheso ka matsoho a hae; o tla tlisa mafura le sefuba hore a tle a se akgotse kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang.

31. Moprista o tla tjhesetsa mafura ao hodima aletare, empa sefuba e tla ba sa Arone le bara ba hae.

32. Sehlabelong sa hao, sa nyehelo ya teboho, o tla nea moprista serope sa tsoho le letona, e le nyehelo e akgotswang.

33. E mong wa bara ba Arone, ya nyehelang ka madi le ka mafura a nyehelo ya teboho, yena seabo sa hae e tla ba serope sa tsoho le letona.

34. Sehlabelong sa nyehelo ya teboho, ya bana ba Iseraele, ke nkile sefuba sa nyehelo e akgotswang, le serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, ke di neile moprista Arone le bara ba hae; ke molao wa mehla yohle.> ”

35. Sena ke seabo sa Arone le bara ba hae, se tswang dinyehelong tsa setjheso sa Morena, seo ba se abetsweng ho tloha mohla ba halaletswang hore e be baprista ba Morena.

36. Mohla Morena a ba tlotsang, o ne a laele bana ba Iseraele hore ba ba fe seabo sena, mme hona ke molao wa mehla yohle, wa meloko ya bona.

Meetlo 7