Meetlo 7:10-27 BIBELE (SSO89SO)

10. Nyehelo ya dijo, e dubilweng ka ole kapa e sa dujwang, e tla ba ya bara bohle ba Arone ka ho lekana.

11. “ <Ona ke molao wa sehlabelo sa teboho, seo motho a ka se etsetsang Morena.

12. “ <Ha sehlabelo e le sa teboho, motho a se tlise se ena le maqebekwane a sa lomoswang, a dubilweng ka ole; le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; le dikuku tse entsweng ka phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole.

13. O tla etsa nyehelo ya hae ka maqebekwane a sa lomoswang mmoho le phoofolo ya sehlabelo sa teboho.

14. E nngwe ya dikuku tsa sehlabelo sena e tla nyehellwa Morena, ka ho e akgotsa. Ena e tla ba ya moprista ya fokang madi a diphoofolo tsa dinyehelo tsa teboho.

15. Nama ya phoofolo ya sehlabelo sa nyehelo ya teboho e tla jewa hona mohla letsatsi leo la nyehelo; ho se ke ha ba e sielwang letsatsi la hosasane.

16. “ <Empa ha sehlabelo e le nyehelo ya boikano kapa ya boithaopo, se tla jewa mohla letsatsi la nyehelo, mme se ka salang se tla jewa ka letsatsi la hosasane.

17. Nama ya sehlabelo, e ntseng e setse ka letsatsi la boraro, e tla tjheswa ka mollo.

18. Haeba nama ya sehlabelo sa teboho e ka jewa ka letsatsi la boraro, ha e ka ke ya amoheleha, esita le monga yona e ke ke ya mo tswela molemo; e tla tadingwa e le manyala, mme ya e jang o tla ba molato.

19. “ <Nama e amang ntho e silafetseng ha e na ho jewa, e tla tjheswa ka mollo, empa bohle ba hlwekileng, nama ena ba ka e ja.

20. Motho ya jang nama ya sehlabelo sa nyehelo ya teboho, e etseditsweng Morena, a le sesila, ya jwalo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

21. Hape, ha motho a ama ntho efe le efe e silafetseng, ebang ke motho ya silafetseng, kapa phoofolo, kapa ntho efe le efe e kgesehang, mme eba o ja sehlabelo sa nyehelo ya teboho, e etseditsweng Morena, motho eo le yena o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.> ”

22. Morena a bua ho Moshe, a re:

23. “Bua le bana ba Iseraele, o re: <Mafura afe kapa afe, e ka ba a kgomo, kapa a nku, kapa a podi, le se ke la a ja.

24. Mafura a phoofolo e itjhwellang feela, le mafura a phoofolo e harotsweng ke dibatana, wona a ka sebediswa mererong efe kapa efe, empa le se ke la ba la a ja.

25. Mang le mang ya jang mafura a phoofolo eo motho a e nyehellang Morena e le setjheso, le yena motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

26. Diahelong tsa lona tsohle le se ke la ba la ja bobete, e ka ba ba nonyana, kapa ba phoofolo.

27. Motho ofe le ofe ya jang bobete bofe le bofe, le yena o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.> ”

Meetlo 7