1. “ <Ona ke molao wa nyehelo ya tefelo ya melato. E halalela ka ho fetisisa.
2. Moo phoofolo ya sehlabelo sa setjheso e hlabelwang teng, le phoofolo ya nyehelo ya tefelo ya melato e tla hlabelwa teng; madi a yona a tla fokwa aletareng ho e potoloha.
3. Ho tla nyehelwa ka mafura a yona wohle: mafura a mohatla, le mohlehlo.
4. Diphiyo tse pedi, le tshotso ya tsona e mahlakoreng, le phapohane, e tla tloswa mmoho le diphiyo.
5. Moprista o tla di tjhesetsa hodima aletare, e le nyehelo ya setjheso e etsetswang Morena. Ke nyehelo e tlosang sebe.
6. E mong le e mong e motona wa baprista a ka ja nyehelo eo; a e jelle sebakeng se halalelang, hobane e halalela ka ho fetisisa.
7. “ <Molao wa sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe, le wa nyehelo ya tefelo ya sebe o mong feela. Sehlabelo seo moprista a etsang tefelo ya sebe ka sona ke sa hae.
8. Letlalo la phoofolo eo moprista a etsetsang motho sehlabelo sa setjheso ka yona, e tla ba la moprista eo.
9. Nyehelo ya dijo, e phehilweng ka onto, le eohle e hadikilweng ka pane, kapa ka rosetere, e tla ba ya moprista ya etseditseng motho nyehelo ka yona.
10. Nyehelo ya dijo, e dubilweng ka ole kapa e sa dujwang, e tla ba ya bara bohle ba Arone ka ho lekana.
11. “ <Ona ke molao wa sehlabelo sa teboho, seo motho a ka se etsetsang Morena.
12. “ <Ha sehlabelo e le sa teboho, motho a se tlise se ena le maqebekwane a sa lomoswang, a dubilweng ka ole; le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; le dikuku tse entsweng ka phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole.
13. O tla etsa nyehelo ya hae ka maqebekwane a sa lomoswang mmoho le phoofolo ya sehlabelo sa teboho.
14. E nngwe ya dikuku tsa sehlabelo sena e tla nyehellwa Morena, ka ho e akgotsa. Ena e tla ba ya moprista ya fokang madi a diphoofolo tsa dinyehelo tsa teboho.
15. Nama ya phoofolo ya sehlabelo sa nyehelo ya teboho e tla jewa hona mohla letsatsi leo la nyehelo; ho se ke ha ba e sielwang letsatsi la hosasane.
16. “ <Empa ha sehlabelo e le nyehelo ya boikano kapa ya boithaopo, se tla jewa mohla letsatsi la nyehelo, mme se ka salang se tla jewa ka letsatsi la hosasane.