Meetlo 6:20-30 BIBELE (SSO89SO)

20. “Ena ke nyehelo ya Arone le bara ba hae, eo ba tla nyehella Morena ka yona mohla Arone a tlotswang. E tla ba phofo e thumisehileng, e boima ba kilo e le nngwe, e le nyehelo ya mehla yohle. Hoseng e be halofo ya yona, mantsiboya e be halofo ya yona.

21. E dujwe hantle ka ole, e phehwe ka pane, ebe e a tliswa. Ha e se e rathetswe, e tliswe e le nyehelo ya dijo, e monko o monate ho Morena.

22. Mora wa Arone ya tla tlotswa hore e be moprista bakeng sa ntatae, le yena o tla nyehela jwalo. Nyehelo ena e tla tjhesetswa Morena kaofela. Ona ke molao wa mehla yohle.

23. Nyehelo e nngwe le e nngwe ya dijo, ya moprista, e tla tjheswa kaofela, mme e ke ke ya jewa.”

24. Morena a boela a bua ho Moshe hape, re:

25. “Ere ho Arone le bara ba hae: <Ona ke molao wa nyehelo ya ho tshwarelwa sebe. Moo phoofolo ya sehlabelo sa setjheso e hlabelwang teng, ke hona moo le phoofolo ya nyehelo ya ho tshwarelwa sebe e tla hlabelwa teng, kapele ho Morena. Ena ke nyehelo e halalelang ka ho fetisisa.

26. Moprista ya etsang sehlabelo sa ho tshwarelwa sebe, o tla ja nama ya phoofolo eo. O tla e jella sebakeng se halalelang, ka seotlwaneng sa Tente ya Morena.

27. Eng kapa eng e amang nama ya yona e tla halalela. Ha seaparo se ka qaphaletswa ke madi a yona, seaparo seo se qaphaleditsweng ke madi o se hlatswetse sebakeng se halalelang.

28. Pitsa ya letsopa, e neng e phehile nama, eka kgona e pshatlwe, empa haeba e phehilwe ka pitsa ya tshepe, yona eka kgona e falwe, e hlatsuwe ka metsi.

29. E mong le e mong e motona wa baprista o tla ja sehlabelo sena; se halalela ka ho fetisisa.

30. Phoofolo ya sehlabelo sa ho tshwarelwa sebe, eo madi a yona a ileng a tliswa ka Tenteng ya Morena, ho tla etsa tefelo ya sebe ka Sehalalelong, ha e ka ke ya jewa. E tla tjheswa ka mollo.

Meetlo 6