Meetlo 6:10-18 BIBELE (SSO89SO)

10. Moprista o tla apara seaparo sa hae se entsweng ka lene, a tene le borikgwe ba hae bo entsweng ka lesela la lene, ebe o ola molora o hodima aletare, moo mollo o tjheseditseng sehlabelo teng, a bee molora oo kathoko ho aletare.

11. Jwale o tla hlobola diaparo tsa hae, a apare tse ding, ebe o ntshetsa molora oo kantle ho diahelo, o o isa sebakeng se hlwekileng.

12. Mollo o hodima aletare o tla nne o fepelwe, o se ke wa tima. Hoseng ho hong le ho hong moprista o tla eketsa patsi mollong, a lokise sehlabelo sa setjheso hodima aletare, mme a tjhese mafura a mahlabelo a teboho.

13. Mollo o tla nne o fepelwe hodima aletare, hore o se ke wa tima.

14. “ <Ona ke molao wa nyehelo ya dijo. Bara ba Arone ba tla tlisa nyehelo ena kapele ho Morena, kapela aletare.

15. E mong wa bona o tla ngwatha phofo e thumisehileng, phofong ya nyehelo, a tlatse seatla; a nke le ole, le mokubetso wohle o hodima phofo ya nyehelo, ebe o di tjhesetsa hodima aletare, e be nyehelo e monko o monate, hore Morena a tle a ba hopole.

16. Se setseng, se sa lomoswang, Arone le bara ba hae ba tla se jella sebakeng se halalelang. Ba tla se jella ka seotlwaneng sa Tente ya Morena.

17. Se phehwe se sa lomoswa; ke ba file sona e le seabo sa bona se tswang sehlabelong sa ka sa setjheso. Se halalela ka ho fetisisa, jwaloka sehlabelo sa tshwarelo ya dibe le sa tefelo ya melato.

18. E mong le e mong e motona wa bana ba Arone o tla se ja; ke taelo ya mehla yohle, melokong ya bona, bakeng sa mahlabelo a Morena a setjheso. Eng kapa eng e se amang e tla halalela.> ”

Meetlo 6