Meetlo 6:1-19 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena a bua ho Moshe, a re:

2. “Ha motho a etsa sebe, mme a sitelwa Morena ka ho qhekanyetsa wa habo ka ntho e neng e bolokilwe ho yena, kapa e beilweng paneng, kapa e adimilweng ka tumellano, kapa e utswitsweng, kapa eo a mo hanyapeditseng yona;

3. kapa ere ha a fumane ntho e lahlehileng a etse bolotsana, a hlapanye ka leshano, hore ha a a ka a e fumana, motho ya etsang e nngwe ya tsena tsohle o etsa sebe.

4. Ha motho a entse sebe, mme a fumanwa a le molato, o tla busetsa seo a se utswitseng, kapa seo a se fumaneng ka ho hanyapetsa, kapa ntho e neng e bolokilwe ho yena, kapa ntho e neng e lahlehile, eo a e fumaneng.

5. Le ntho efe le efe eo a e hlapanyeditseng ka leshano, o tla e busetsa ka ho tlala, a be a eketse ka karolo tse mashome a mabedi ho tse lekgolo; a e nee mong a yona mohla a ipoletseng hore o molato.

6. A tlisetse Morena nyehelo ya hae e tlosang molato. E be pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae. Ke wena ya tla lekanya theko ya yona, e be yona nyehelo e tlosang molato, e tliswang ho moprista.

7. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe kapele ho Morena, mme o tla tshwarelwa tsohle tseo a di entseng ha a tla ba molato.”

8. Morena a bua hape ho Moshe, a re:

9. “Laela Arone le bara ba hae, o re: <Ona ke molao wa sehlabelo sa setjheso. Sehlabelo sa setjheso se tla siuwa hodima leifo la aletare bosiu bohle, ho fihlela letsatsi la hosasane. Mollo o hodima aletare o nne o fepelwe.

10. Moprista o tla apara seaparo sa hae se entsweng ka lene, a tene le borikgwe ba hae bo entsweng ka lesela la lene, ebe o ola molora o hodima aletare, moo mollo o tjheseditseng sehlabelo teng, a bee molora oo kathoko ho aletare.

11. Jwale o tla hlobola diaparo tsa hae, a apare tse ding, ebe o ntshetsa molora oo kantle ho diahelo, o o isa sebakeng se hlwekileng.

12. Mollo o hodima aletare o tla nne o fepelwe, o se ke wa tima. Hoseng ho hong le ho hong moprista o tla eketsa patsi mollong, a lokise sehlabelo sa setjheso hodima aletare, mme a tjhese mafura a mahlabelo a teboho.

13. Mollo o tla nne o fepelwe hodima aletare, hore o se ke wa tima.

14. “ <Ona ke molao wa nyehelo ya dijo. Bara ba Arone ba tla tlisa nyehelo ena kapele ho Morena, kapela aletare.

15. E mong wa bona o tla ngwatha phofo e thumisehileng, phofong ya nyehelo, a tlatse seatla; a nke le ole, le mokubetso wohle o hodima phofo ya nyehelo, ebe o di tjhesetsa hodima aletare, e be nyehelo e monko o monate, hore Morena a tle a ba hopole.

16. Se setseng, se sa lomoswang, Arone le bara ba hae ba tla se jella sebakeng se halalelang. Ba tla se jella ka seotlwaneng sa Tente ya Morena.

17. Se phehwe se sa lomoswa; ke ba file sona e le seabo sa bona se tswang sehlabelong sa ka sa setjheso. Se halalela ka ho fetisisa, jwaloka sehlabelo sa tshwarelo ya dibe le sa tefelo ya melato.

18. E mong le e mong e motona wa bana ba Arone o tla se ja; ke taelo ya mehla yohle, melokong ya bona, bakeng sa mahlabelo a Morena a setjheso. Eng kapa eng e se amang e tla halalela.> ”

19. Morena a boela a bua ho Moshe, a re:

Meetlo 6