Meetlo 5:12-19 BIBELE (SSO89SO)

12. O tla e tlisa ho moprista, mme yena o tla e ngwatha ka seatla e le kgopotso, a e tjhesetse aletareng, hodima dinyehelo tsa setjheso, tsa Morena. Ke nyehelo e tlosang sebe.

13. Ka mokgwa o jwalo moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe sa hae, ho e nngwe ya dintho tsena, mme motho eo o tla tshwarelwa. Phofo e setseng e tla ba ya moprista, jwalokaha ho etswa ka nyehelo ya dijo.> ”

14. Morena a bua ho Moshe, a re:

15. “Ha motho a etsa sebe e se ka morero, dinthong tse halalelang tsa Morena, o tla tlisetsa Morena nyehelo e tlosang molato, e be pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae. Ke wena ya tla lekanya theko ya yona, e be silefera e boima ba dikeramo tse leshome le motso o le mong le halofo tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, bakeng sa nyehelo e tlosang molato.

16. Hape o tla lefa tseo a itshietseng tsona tsa tse halalelang, a be a di eketse ka karolo tse mashome a mabedi ho tse lekgolo. A di nee moprista, mme moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe ka pheleu ya nyehelo e tlosang molato, mme motho eo o tla tshwarelwa.

17. “Ha motho a etsa sebe ka ho tlola o mong wa melao ya Morena e se ka morero, o molato, leha a ne a sa tsebe, o tla jara bokgopo ba hae.

18. A tlisetse moprista pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae, e le nyehelo e tlosang sebe. Theko ya yona e be e lekanngwang ke wena. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe seo a se entseng e se ka morero, mme motho eo o tla tshwarelwa.

19. Ke nyehelo e tlosang molato. Ruri motho eo o sitetswe Morena.”

Meetlo 5