Meetlo 4:8-24 BIBELE (SSO89SO)

8. O tla nka mafura wohle a pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le mohlehlo, le mafura a dikahare,

9. le diphiyo tse pedi le tshotso ya tsona e ka mahlakoreng, le phapohane, a e tlose mmoho le diphiyo tse pedi.

10. Moprista o tla nka mafura ana a a tjhesetse hodima aletare ya setjheso, jwalokaha a etsa ka mafura a pohwana e nyehelwang e le sehlabelo sa teboho.

11. Empa letlalo la yona, le nama yohle ya yona, le hlooho ya yona, le ditlhako tsa yona, le dikahare tsa yona, le moswang wa yona,

12. ke ho re pohwana yohle, tsena tsohle o tla di nkela kantle ho diahelo, sebakeng se hlwekileng, thotobolong, a di tjhesetse teng ka patsi, a di tjhesetse thotobolong.

13. “ <Haeba setjhaba sohle sa Iseraele se etsa sebe, feela e se ka morero, mme se sa tsebe hore se entse sebe, se tla ba molato ka ho tlola o mong wa melao ya Morena.

14. Ha sebe sena se tsebahala, setjhaba se tla nyehela ka pohwana, e le nyehelo e tlosang sebe. E tla tliswa kapele ho Tente ya Morena.

15. Baholo ba setjhaba ba tla bea matsoho a bona hodima hlooho ya pohwana, ba le kapele ho Morena, mme ba e hlabele kapele ho Morena.

16. Moprista ya tlotsitsweng o tla isa a mang a madi a pohwana ka Tenteng ya Morena.

17. O tla ina monwana wa hae ka mading, a foke kapele ho Morena, le kapele ho lesira, ka makgetlo a supileng.

18. Ka madi a mang o tla tlotsa manaka a dihukung tsa aletare ya mokubetso, e kapele ho Morena, e ka Tenteng ya Morena. Madi a setseng o tla a qhalla motheong wa aletare ya setjheso, e monyakong wa Tente ya Morena.

19. Jwale o tla nka mafura wohle a pohwana, mme a a tjhesetse aletareng.

20. Pohwana ena o tla e etsa jwaloka pohwana e nyehelwang e le sehlabelo sa sebe; ka mokgwa o jwalo moprista a ba etsetse tefelo ya sebe, mme ba tla tshwarelwa.

21. O tla ntshetsa pohwana kantle ho diahelo, a e tjhese, jwalokaha a ile a tjhesa pohwana ya pele. Ke nyehelo e tlosang sebe, e etsetswang setjhaba.

22. “ <Ha kgosana e etsa sebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena Modimo wa hae, e se ka morero, e molato.

23. Ha e elellwa sebe sena seo e se entseng, e tla tlisa nyehelo ya phooko, e se nang sepha.

24. E tla bea letsoho la yona hodima hlooho ya phooko ena, mme e e hlabele kapele ho Morena, moo ho hlabelwang diphoofolo tsa setjheso teng. Ena ke nyehelo e tlosang sebe.

Meetlo 4