13. “ <Haeba setjhaba sohle sa Iseraele se etsa sebe, feela e se ka morero, mme se sa tsebe hore se entse sebe, se tla ba molato ka ho tlola o mong wa melao ya Morena.
14. Ha sebe sena se tsebahala, setjhaba se tla nyehela ka pohwana, e le nyehelo e tlosang sebe. E tla tliswa kapele ho Tente ya Morena.
15. Baholo ba setjhaba ba tla bea matsoho a bona hodima hlooho ya pohwana, ba le kapele ho Morena, mme ba e hlabele kapele ho Morena.
16. Moprista ya tlotsitsweng o tla isa a mang a madi a pohwana ka Tenteng ya Morena.
17. O tla ina monwana wa hae ka mading, a foke kapele ho Morena, le kapele ho lesira, ka makgetlo a supileng.
18. Ka madi a mang o tla tlotsa manaka a dihukung tsa aletare ya mokubetso, e kapele ho Morena, e ka Tenteng ya Morena. Madi a setseng o tla a qhalla motheong wa aletare ya setjheso, e monyakong wa Tente ya Morena.
19. Jwale o tla nka mafura wohle a pohwana, mme a a tjhesetse aletareng.
20. Pohwana ena o tla e etsa jwaloka pohwana e nyehelwang e le sehlabelo sa sebe; ka mokgwa o jwalo moprista a ba etsetse tefelo ya sebe, mme ba tla tshwarelwa.
21. O tla ntshetsa pohwana kantle ho diahelo, a e tjhese, jwalokaha a ile a tjhesa pohwana ya pele. Ke nyehelo e tlosang sebe, e etsetswang setjhaba.
22. “ <Ha kgosana e etsa sebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena Modimo wa hae, e se ka morero, e molato.
23. Ha e elellwa sebe sena seo e se entseng, e tla tlisa nyehelo ya phooko, e se nang sepha.
24. E tla bea letsoho la yona hodima hlooho ya phooko ena, mme e e hlabele kapele ho Morena, moo ho hlabelwang diphoofolo tsa setjheso teng. Ena ke nyehelo e tlosang sebe.