Meetlo 3:10-17 BIBELE (SSO89SO)

10. Diphiyo tse pedi le tshotso ya tsona e mahlakoreng, le phapohane, e tla tloswa mmoho le diphiyo.

11. Jwale moprista o tla di tjhesetsa hodima aletare, e le setjheso sa dijo se nyehellwang Morena.

12. “ <Haeba motho a nyehela ka podi, o tla e tlisetsa Morena.

13. O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya yona, a e hlabele kapele ho Tente ya Morena. Bara ba Arone ba tla foka mahlakore wohle a mane a aletare, ka madi a yona.

14. O tla nyehela ka mohlehlo, le ka mafura wohle a dikahare, e le setjheso se etsetswang Morena.

15. Diphiyo tse pedi le tshotso ya tsona e mahlakoreng, le phapohane, e tla tloswa mmoho le diphiyo.

16. Jwale moprista o tla di tjhesetsa hodima aletare, e le nyehelo ya setjheso sa dijo, se monko o monate. Mafura wohle ke a Morena.

17. “ <E tla ba molao wa mehla yohle, melokong yohle ya lona, diahelong tsohle tsa lona, hore le se ke la ja mafura kapa bobete.> ”

Meetlo 3