27. Haeba e le phoofolo e sa hlwekang, motho o tla e lopolla ho ya ka kgakanyo ya hao, mme o tla eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete ya topollo. Haeba a sa e lopolle, e tla rekiswa ka tjhelete eo o e hakantseng.
28. “ <Empa ntho efe kapa efe e abilweng, eo motho a e abelang Morena, eo e leng ya motho ya e abang; e ka ba motho, kapa phoofolo, kapa tshimo eo e leng lefa la hae, e ke ke ya rekiswa kapa ya lopollwa. Ntho e nngwe le e nngwe e abilweng, e halalela ka ho fetisisa ho Morena.
29. “ <Motho ofe kapa ofe ya lelekilweng setjhabeng sa habo, a ke ke a lopollwa; ruri o tla bolawa.
30. “ <Karolo e nngwe le e nngwe ho tse leshome tsa kotulo ya naha, le ya peo e jalwang masimong, kapa ya ditholwana tsa difate, ke ya Morena; e a halalela.
31. Haeba motho a rata ho lopolla karolo ya hae e le nngwe ho tse leshome, o tla e eketsa ka karolo ya yona e le nngwe ho tse hlano.
32. Karolo e nngwe le e nngwe ya leshome, dikgomong, kapa dikgutshwaneng, tsohle tseo modisa a di balang ka molamu wa hae, e leng phoofolo e nngwe le nngwe ya leshome, e tla halalela ho Morena.
33. Motho a se ke a hlahloba hore na e ntle kapa e mpe; le hona a se ke a e ananya ka e nngwe. Haeba a ka e ananya, yona le eo e anantsweng, bobedi di a halalela, mme di ke ke tsa lopollwa.> ”
34. Ena ke melao eo Morena a e laetseng Moshe bakeng sa bana ba Iseraele, a le thabeng ya Sinai.