2. “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: <Ha motho a rata ho phetha kano ya hore o tla nyehella Morena ka motho ya tla lefellwa tjhelete ya topollo,
3. monna eo dilemo tsa hae di leng dipakeng tsa dilemo tse mashome a mabedi le mashome a tsheletseng, tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong.
4. Haeba e le mosadi, yena tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mararo.
5. Haeba e le moshanyana ya dilemo di hlano ho isa ho tse mashome a mabedi, yena tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi, mme ha e le ngwanana e be silefera e etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome.
6. Haeba e le ngwana wa moshanyana ya kgwedi ho isa dilemong tse hlano, tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano a metso e mehlano, mme ha e le ngwana wa ngwanana yena tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mararo a metso e mehlano.
7. Haeba dilemo tsa motho di tloha ho tse mashome a tsheletseng ho ya hodimo, mme e le monna, tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le mashome a supileng; athe ha e le mosadi e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome.
8. Haeba motho ya entseng kano a futsanehile hoo a sitwang ho lefa tjhelete e beilweng, motho eo o tla hlahiswa kapele ho moprista, mme moprista o tla lekanya tjhelete ya topollo ya hae, ho ya ka matla a ya entseng kano.
9. “ <Haeba ho entswe kano ka phoofolo e ka nyehellwang Morena, e le sehlabelo, phoofolo eo yohle e abelwang Morena e tla halalela.
10. Motho eo a se ke a tlisa ho hong bakeng sa yona, kapa a tlisa esele; bakeng sa e ntle a se ke a tlisa e mpe, kapa bakeng sa e mpe a tlisa e ntle. Haeba a ka ananya phoofolo eo ka phoofolo esele, bobedi ba tsona di tla halalela.
11. Haeba e le phoofolo e sa hlwekang, e ke keng ya nyehellwa Morena e le sehlabelo, o tla tlisa phoofolo eo kapele ho moprista.