Meetlo 27:13-25 BIBELE (SSO89SO)

13. Empa haeba ya entseng kano a rata ho lefa tjhelete ya topollo ya phoofolo eo, o tla e eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete e hakantsweng.

14. “ <Ha motho a kgethela Morena ntlo ya hae hore e halalele ho Morena, moprista o tla hakanya theko ya yona ho ya ka hore na e ntle kapa e mpe, mme theko ya yona e tla ba kamoo moprista a e hakantseng kateng.

15. Empa haeba motho ya kgethetseng Morena ntlo ya hae a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete e hakantsweng, mme ntlo e tla boela e eba ya hae.

16. “ <Ha motho a kgethela Morena karolo e nngwe ya tshimo ya hae eo e leng lefa la hae, kgakanyo e tla etswa ho ya ka peo e jalang karolo eo ya tshimo. Peo ya harese e boima ba dikilo tse mashome a mabedi e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse makgolo a tsheletseng.

17. Haeba motho a kgethela Morena tshimo ya hae ka selemo sa mokete wa tokoloho, theko ya yona e tla ba kamoo e hakantsweng kateng.

18. Empa haeba motho a kgethela Morena tshimo ya hae kamora selemo sa mokete wa tokoloho, moprista o tla mo hakanyetsa theko ya yona ho ya ka dilemo tse sa setseng ho ya fihla selemong sa mokete wa tokoloho o tlang, ebe e tloswa tjheleteng ya tshimo, e hakantsweng.

19. Haeba ya kgethetseng Morena tshimo eo a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete e hakantsweng, mme tshimo e tla boela e eba ya hae.

20. Empa haeba a sa lopolle tshimo eo, eba o e rekiseditse motho e mong, e ke ke ya hlola e lopollwa.

21. Ka selemo sa mokete wa tokoloho, tshimo eo e tla lopollwa e se e halalela ho Morena, e le tshimo e abilweng, mme e tla ba ya moprista, e be lefa la hae.

22. “ <Haeba motho a kgethela Morena tshimo eo a e rekileng, e se ya lefa la hae,

23. moprista o tla mo hakanyetsa tjhelete e lekaneng dilemo tse sa setseng ho ya fihla moketeng wa tokoloho o tlang, mme motho eo o tla ntsha tjhelete e hakantsweng ka lona letsatsi leo, e abelwe Morena e le ntho e halalang.

24. Ka selemo sa mokete wa tokoloho, tshimo eo e tla boela ho motho eo ya e rekisitseng, eo tshimo e neng e le lefa la hae.

25. Kgakanyo yohle e tla lekanngwa ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o le mong.

Meetlo 27