Meetlo 26:6-15 BIBELE (SSO89SO)

6. “ <Ke tla le nea kgotso lefatsheng, mme le tla ithoballa, ho se letho le le tshwenyang. Dibatana tse harolang ke tla di fedisa lefatsheng, le ba lwanang ka sabole ba ke ke ba hlasela naha ya lona.

7. Le tla lelekisa dira tsa lona, mme le tla di bolaya ka sabole.

8. Ba bahlano ba lona ba tla lelekisa ba lekgolo, ba lekgolo ba lona ba lelekise ba kete di leshome, mme le bolaye dira tsa lona ka sabole.

9. “ <Ke tla le hlompha, ke le atise, ke le ngatafatse, ke be ke tiise selekane sa ka le lona.

10. Le tla ja thoko eo le tla e tlohela ha kotulo e ntjha e fihla.

11. Ke tla hloma Tente ya ka kahara lona, mme lona nke ke ka le hloya.

12. Ke tla phela kahara lona, ke be Modimo wa lona, lona le be setjhaba sa ka.

13. Ke nna Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, e le hore le se ke la ba makgoba a bona. Ke fedisitse matla a neng a le hateletse, ka etsa hore le tsamaye ka bolokolohi.

14. “ <Empa haeba le ke ke la mmamela, la se ke la boloka melao ena yohle;

15. haeba le furalla ditaelo tsa ka, le nyedisa dikahlolo tsa ka, le sa boloke melao ya ka yohle, le senya selekane sa ka;

Meetlo 26